Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 4:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Bana ke ba ka thoko ho tsela, moo lentswe le jaloang; empa ha ba se ba utlwile, Satane a phakisa a tle, a tlose lentswe le jetsweng dipelong tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba pela tsela, moo lentswe le jalwang teng, ke bao, ereng ha ba le utlwile, Satane a phakise a tle ho bona, mme a ba amohe lentswe le jadilweng pelong tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Peo e ka tseleng ke bao lentswe le jalwang ho bona, empa ere hoba ba le utlwe, ebe hanghang Satane o a tla, o tlosa lentswe le jetsweng ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Bana ke ba ka thoko ho tsela, moo lentswe le jaloang; empa ha ba se ba utlwile, Satane a phakisa a tle, a tlose lentswe le jetsweng dipelong tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 4:15
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.


Empa ba iphapanya, ba ikela, e mong a ya tshimong ya hae, e mong a ya kgwebong ya hae.


Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.


Mme ba jwalo ke ba ba jadilweng lejweng; bao, ha ba utloile lentsoe, ba phakisa ba le amohela ka thabo;


Eitse ha a ntse a jala, tse ding tsa wela pela tsela, mme dinonyana tsa lehodimo tsa tla, tsa e ja.


Ba ka thoko ho tsela ke ba utlwang; jwale ho tle diabolosi, mme a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela mme ba bolokeha.


Eitse ha ba utlwa ka tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re tla boela re o utlwe ka taba ena.


Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?


Satane a tle a se ke a re qhekella; hobane ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae.


Yena eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetsong ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le meeka ya leshano;


Ho se be le sehlola, kapa ya sa hlompheheng, jwaloka Esau, ya ileng a rekisa ditokelo tsa hae tsa letsibolo ka sejo se le seng.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.


Etlare hobane dilemo tse sekete di fete, Satane o tla lokollwa teronkong ya hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ