Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 16:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 16:19
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.


Ho tloha jwale, Mora motho o tla dula letsohong le letona la matla a Modimo.


Yare ha nako ya ho nyollwa ha hae e fihla, a ikemisetsa ho ya Jerusalema.


Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.


Ke tswile ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng;


Jwale ke tla ho wena; mme taba tseo ke di bolela ke sa le lefatsheng, hore ba tle ba be le thabo ya ka e phethehileng ho bona.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


Eitse hobane ba je, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena; o a tseba hobane ke a o rata. A re ho yena: Fepa dikonyana tsa ka.


Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.


Le tla reng, ha le ka bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.


Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang tsa hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Re ntse re lebile kwa go Jesu mosimolodi le mophethi wa tumelo ya rona; eo ka baka la thabo e beilweng pela hae, a mameletseng sefapano, a sa natse dihlong, mme o dutse letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.


moo moetellipele a kenetseng teng bakeng sa rona, e leng Jesu, o bile moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;


Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa sehalalelo sa nnete; empa o kene lehodimong ka bolona, hore a tle a bonahale jwale pela sefahleho sa Modimo bakeng sa rona.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ