Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:61 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

61 Empa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

61 A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

61 Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

61 Empa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:61
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako?


Moprista e Moholo a ema hara bona, a botsa Jesu, a re: “Na ha o arabe letho na? Ke eng seo baa ba se pakang khahlanong le uena?


Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: Ke wena o boletseng.


Mme ka bona, mme ka paka hore enwa ke Mora wa Modimo.


Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re belaella ho fihlela neng? Haeba u Kreste, re bolelle ka ho hlaka.


Le re ka yena eo Ntate a mo halaleditseng, mme a mo romela lefatsheng, o re: O a nyefola; hobane ke itse, ke Mora wa Modimo?


Pilato a re ho yena: Ha ho le jwalo, na o morena na? Jesu a araba, a re: Ke wena o reng ke morena. Ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pakele nnete. E mong le e mong wa nnete o utlwa lentswe la ka.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o tshwanetse ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O tswa kae? Empa Jesu a se ke a mo araba.


Sebaka sa Lengolo seo a neng a se bala e ne e le sena: A isoa tlhabong jwaloka nku; le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, ha a ka a ahlamisa molomo wa hae jwalo.


ho ya ka Evangeli ya kganya ya Modimo o bokwang, eo ke e beetsweng.


Seo o tla se bonahatsa mehleng ya hae, eo e leng yena ya hlohonolofaditsweng, ya Matla a le mong, Morena wa marena, le Morena wa marena;


Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ