Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 1:32 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Yare ha mantsiboya, letsatsi le dikela, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le batemona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Yare ha mantsiboya, letsatsi le dikela, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le batemona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 1:32
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.


Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona;


e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona.


Ba kena Kapernauma; mme hang ka letsatsi la Sabatha a kena sinagogeng, a ruta.


A tla, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; mme feberu ya phakisa ya mo tlohela, mme a ba sebeletsa.


Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose.


Yare ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho yena; a bea e mong le e mong matsoho a hae, a ba fodisa.


Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ