Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 6:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Thabang tsatsing leo, le tlōle ke thabo; hobane, bonang, moputso wa lona o moholo mahodimong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mohlang oo, le thabe, le nyakalle, hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; le bontata bona ba ne ba etsa baporofeta jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 “Thabang letsatsing leo, le thenthetse, hobane bonang, moputso wa lona o moholo lehodimong; etswe bo-ntata bona ba entse baporofeta jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Thabang tsatsing leo, le tlōle ke thabo; hobane, bonang, moputso wa lona o moholo mahodimong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 6:23
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;


Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang;


Hobane, bona, lentswe la tumediso ya hao ha le utlwahala ditsebeng tsa ka, lesea la tlola ka popelong ya ka.


Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;


A bua ka lentswe le phahameng, a re: Ema ka maoto a hao. Mme a tlola, a tsamaya.


A tlolela, a ema, a tsamaya, mme a kena le bona ka Tempeleng, a tsamaya, a tlolaka, a boka Modimo.


Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Mme e seng hoo feela, empa re ithorisa le ka ditsietsi;


Ka baka leo, ke kgahliswa ke mefokolo, le dinyefolo, le ditsietsi, le dihloriso, le ditsietsi, ka baka la Kreste;


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.


Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;


Bana beso, hokang e le thabo feela ha le wela melekong ya mefutafuta;


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.


Ya hlolang, mme a boloka mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo nea matla hodima ditjhaba.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Ya hlolang o tla rua tsohle; mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Ya hlolang o tla apeswa diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ