Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 6:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Eitse ha e e-ba motšehare, a bitsa barutuoa ba hae, ’me ho bona a khetha ba leshome le metso e ’meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ha bo sele, a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena, mme a kgetha ba leshome le metso e mmedi hara bona, a ba bitsa baapostola:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Eitse ha e e-ba motšehare, a bitsa barutuoa ba hae, ’me ho bona a khetha ba leshome le metso e ’meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 6:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;


Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.


Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng.


Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi le bobedi; a ba nea matla hodima meya e ditshila;


Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;


hore le tle le je, le nwe tafoleng ya ka mmusong wa ka, mme le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome,


Yaba barutuwa ba bolellana, ba re: Na e mong o mo tliseditse se jewang na?


Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.


Mme le hahilwe hodima motheo wa baapostola le baporofeta, Jesu Kreste ka sebele sa hae ke lejwe la ntlha la motheo;


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.


Mme ha hlaha mohlolo o moholo lehodimong; mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, mme hloohong ya hae a rwetse moqhaka wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi.


O thabele lona, lehodimo, le lona baapostola ba halalelang, le lona baporofeta; hobane Modimo o le pheteditse ho yona.


Lerako la motse le ne le na le metheo e leshome le metso e mmedi, eo ho yona e leng mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ