Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 5:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 5:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?


Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?


Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jela jwang le balekgetho le baetsadibe?


Hobane Bafarisi le Bajuda bohle ha ba je, ha ba sa hlapa matsoho hangata, ba boloka moetlo wa baholoholo.


A botsa bangodi, a re: Le phehisana le bona ka eng?


Mofarisi a ema, a ithapella, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: O kene ho ya robala ha monna wa moetsadibe.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta, ho ne ho dutse Bafarisi le Ditsebi tsa Molao, ba tswang metseng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, mme matla a Morena a ne a le teng teng ho ba fodisa.


Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?


Mora motho o tlile a eja, a enwa; mme le re: Bonang motho wa sejato, le monwi wa veine, motswalle wa balekgetho le baetsadibe!


Mofarisi ya neng a mo bitsitse, ha a bona hoo, a bua ka ho yena, a re: “Monna enwa, hoja e ne e le moporofeta, a ka be a tseba hore na mosadi ya mo amang ke mang le hore na ke ofe, hobane ke moetsadibe.


Mme ha tsoha mohoo o moholo, mme bangodi bao e neng e le ba Bafarisi ba ema, ba tsekisana, ba re: “Ha re fumane letho le lebe ho motho enwa; empa ha moya kapa lengeloi le buile le yena, re se ke ra lwantsha Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ