Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 22:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 hore le tle le je, le nwe tafoleng ya ka mmusong wa ka, mme le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 hore le tle le je, le nwe tafoleng ya ka mmusong wa ka, mme le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 22:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Ke re ho lona: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba dule le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, mmusong wa mahodimo.


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlareng morena a fihla, a ba fumane ba lebetse;


E mong wa ba dutseng dijong le yena, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo!


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke le dumedisa.


A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Ho ne ho potapotile terone ho ne ho na le ditulo tse mashome a mabedi a metso e mene: mme hodima ditulo tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apere diaparo tse tshweu; mme di ne di rwele meqhaka ya kgauta dihloohong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ