Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 22:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Sena se bolela mmele wa ka o newang bakeng sa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Sena se bolela mmele wa ka o newang bakeng sa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 22:19
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.


A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele.


A nka senwelo, a leboha, a re: Nkang sena, le se arolelane.


Ka mokgwa o jwalo, a nka le senwelo kamora selallo, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.


Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


(Leha ho le jwalo, ho ile ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le moo ba jeleng bohobe, ka mora hore Morena a lebohe.)


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea bakeng sa bophelo ba lefatshe.


Senwelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang, na hase kopano ya madi a Kreste na? Bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano ya mmele wa Kreste na?


Mme bohle ba nwa seno se le seng sa moya, hobane ba ne ba nwele Lefikeng la moya le neng le ba latela, mme Lefika leo e ne e le Kreste.


Ya ikgafileng ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


Hobane Agare eo ke Sinai, thaba ya Arabia, mme e tshwantshetsa Jerusalema wa jwale, mme e bokgobeng le bana ba yona.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Lebohang nthong tsohle, hobane hoo ke thato ya Modimo ho lona ho Kreste Jesu.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ