Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 13:34 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 “Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 13:34
46 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A roma bahlanka ba hae ho bitsa ba memilweng moketeng wa lenyalo, empa ba hana ho tla.


Ba bang ba tshwara bahlanka ba hae, ba ba hlorisa, ba ba bolaya.


Mme a halefa, a hana ho kena; ntatae a tswa, a mo rapela.


Ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena; mme ba ke ke ba siya lejwe hodima lejwe le leng ho wena; hobane ha o a ka wa tseba nako ya ketelo ya hao.


Jesu a retelehela ho bona, a re: Baradi ba Jerusalema, le se ke la ntelela, le mpe le llele lona, le bana ba lona.


Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bontata lona? mme ba bolaile ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng; eo jwale le leng baeki le babolai ba hae;


Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka!


Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.


Mme ditopo tsa bona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, oo ka moya o bitswang Sodoma le Egepeta, moo le Morena wa rona a thakgisitsweng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ