Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 11:34 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Lebone la mmele ke leihlo; empa ha leihlo la hao le le lebe, mmele wa hao le wona o lefifing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ekare ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o na le lesedi; empa ha le le lebe, mmele wohle wa hao o lefifing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Leihlo la hao ke lebone la mmele. Ha leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa ha le le lebe, le wona mmele wa hao o aparetswe ke lefifi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Lebone la mmele ke leihlo; empa ha leihlo la hao le le lebe, mmele wa hao le wona o lefifing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 11:34
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E le hore, ho tadima, ba bone, mme ba se ke ba bona; le ho utlwa ba utlwe, mme ba se ke ba utlwisisa; e se re mohlomong ba ka sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe tsa bona.


Boshodu, meharo, bokgopo, thetso, bohlola, leihlo le lebe, dinyefolo, boikgohomoso, bothoto.


Le na le mahlo, na ha le bone na? mme le na le ditsebe, ha le utlwe na? mme ha le hopole na?


Ke gone o iponele gore lesedi le le mo go wena e se nne lefifi.


Mme jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao, mme o tla foufala, o sa bone letsatsi ka nakwana. Yaba moholi le lefifi tsa wela hodima hae hang-hang; mme a pota-pota a batla ba ka mo tsamaisang ka letsoho.


Ba nna ba tiisetsa tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ka pelo e le nngwe, ba ngwatha bohobe le ntlo le ntlo, ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka pelo e hlwekileng.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Hobane thabo ya rona ke ena, bopaki ba matswalo a rona, hore re tsamaile lefatsheng, mme haholoholo bakeng sa lona, ka botshepehi le botshepehi ba Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e le ka mohau wa Modimo.


Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.


Lona bahlanka, le mamele beng ba lona ka nqeng ya nama, ka tshabo le ka thothomelo, ka botshepehi ba dipelo tsa lona, jwaloka hoja le utlwa Kreste;


Lona bahlanka, utlwang beng ba lona ka nama nthong tsohle; e seng ka ho tadima mahlo, jwaloka hoja e le ba kgahlisang batho; empa ka botshepehi ba pelo, ka ho tshaba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ