Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 11:29 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Yare ha letshwele le bokane, a qala ho re: Moloko ona ke o kgopo, o batla pontsho; mme le ke ke la newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Eitse ha bongata bo petahana, Jesu a qala ho re: Moloko wona ke moloko o lonya; o qela mohlolo; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Yare ha matshwele a subuhlellana, Jesu a re: “Moloko ona ke moloko o kgopo; o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sesupo sa Jonase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Yare ha letshwele le bokane, a qala ho re: Moloko ona ke o kgopo, o batla pontsho; mme le ke ke la newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 11:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.


Ba bang ba mo leka, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong.


E le hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tla batlwa molokong ona;


Ka nako eo, ha letshwele le se le phuthehile, hoo ba bileng ba hatakelana, a qala ho bolella barutuwa ba hae pele, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi, e leng boikaketsi.


Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano.


Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: O re bontsha mohlolo ofe, haele moo o etsa ntho tsee?


Ba re ho yena: Jwale, o etsa mohlolo ofe, hore re o bone, mme re o dumele? o sebetsa eng?


Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


Hobane Bajuda ba batla pontsho, mme Bagerike ba batla bohlale;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ