Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 10:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Leha ho le jwalo, le se ke la thabela hoo, ha meya e le tlasa lona; le mpe le thabe, hobane mabitso a lona a ngodilwe lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Leha ho le jwalo, le se ke la thabela hoo, ha meya e le tlasa lona; le mpe le thabe, hobane mabitso a lona a ngodilwe lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 10:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa.


Yaba o lahlela ditjhelete tsa silefera ka tempeleng, a tloha, a ya iphanyeha.


Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


Ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng.


Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.


Ya hlolang o tla apeswa diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ