Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 9:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, kahobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa mehlolo e kalo jwang? Karohano ya eba teng hara bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, kahobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa mehlolo e kalo jwang? Karohano ya eba teng hara bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 9:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme bonang, ho ne ho ena le monna ya letsoho le omeletseng. Ba mmotsa, ba re: Hleka ho dumeletswe ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? ba tle ba mo qose.


Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha.


Yaba mmusi wa sinagoge a halefa, kahobane Jesu a fodisitse ka tsatsi la Sabatha, a re ho batho: Ho na le matsatsi a tsheletseng ao ho ka sebetswang ka wona; letsatsi.


Kaofela ha boela ha eba le phapang hara Bajuda ka baka la dipolelo tsena.


Ntumeleng hobane ke ho Ntate, le Ntate o ho nna;


Hojane ke se ke ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng motho ya e entseng, ba ka be ba se na sebe;


Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;


Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha;


Empa nna ke na le bopaki bo fetisang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile.


Yaba Bajuda ba tsekisana hara bona, ba re: “Monna eo a ka re nea nama ya hae jwang hore re e je?


Letshwele le ne le dumaduma ka yena, hobane ba bang ba ne ba re: “O molemo; empa o kgelosa batho.


Ekare ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe; a le nkgalefela, kahobane ke fodisitse motho kahohle ka tsatsi la Sabatha na?


Mme ha eba le karohano hara letshwele ka baka la hae.


Ba boela ba bitsa monna ya neng a foufetse, ba re ho yena: “Rorisa Modimo;


Empa bongata ba motse ba arohana, ba bang ba ema le Bajuda, ba bang ba ema le baapostola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ