Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:6
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri;


Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.


Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.


Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?


Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang?


E mong wa bona, eo e neng e le setsebi sa Molao, a mmotsa, a mo leka, a re:


Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.


Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka.


Na re fane, kapa re se ke ra fana? Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang? Ntlisetseng denari, ke tle ke e bone.


Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose.


Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.


Jwale, ramolao e mong a ema, a mo leka, a re: Moruti, ke tla etsa eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Ba bang ba mo leka, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong.


Yare ha e sa le kameso, a boela a kena tempeleng, mme batho bohle ba tla ho yena; mme a dula fatshe, a ba ruta.


Hape re se ke ra leka Kreste, jwalokaha ba bang hara bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ