Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:52 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

52 Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

52 Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:52
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le modemona.


Bona ke bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ba tswang Jerusalema ho mmotsa, ba re: O mang?


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata;


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.


Matshwele a araba, a re: O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?


Bajuda ba re: Hleka o tla ipolaya na? hobane o re: Moo ke yang teng, lona le sitwa ho tla.


Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?


Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.


Empa ha le a ka la mo tseba; empa ke a o tseba, mme leha nka re, ha ke o tsebe, ke tla be ke le leshano jwaloka lona;


Ba boela ba bitsa monna ya neng a foufetse, ba re ho yena: “Rorisa Modimo;


Bao bohle ba shwetse tumelong, ba eso ka ba amohela dipallo, empa ba di bone di sa le hole, ba di kgodisitse, mme ba ipoletse hore ke bajaki le bajaki lefatsheng.


Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ