Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 7:39 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 (Empa o ne a bua ka Moya oo ba dumelang ho yena ba neng ba tla o amohela, hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho newe, hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

39 (Empa o ne a bua ka Moya oo ba dumelang ho yena ba neng ba tla o amohela, hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho newe, hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 7:39
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshollela Moya wa ka hodima nama yohle; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba bone dipono, maqheku a lona a lore ditoro.


Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Leha ho le jwalo ke le bolella nnete; Ho ka ba molemo ho lona ha ke ikela; empa ha ke tloha, ke tla mo romela ho lona.


Barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa taba tseo pele;


Empa lona ha le phele nameng, le laolwa ke Moya, ha Moya wa Modimo o ahile ka ho lona. Jwale, ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Hoba a rialo, a budulela ho bona, a re ho bona: Amohelang Moya o Halalelang!


Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile ya hore Mora motho a tlotliswe.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwauweng ka wona ho isa letsatsi la topollo.


Tshebeletso ya Moya e ke ke ya ba le kganya e fetisang jwang?


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse Mora wa wona Jesu; yo le mo neetseng, la mo itatola fa pele ga sefatlhego sa Pilato, ka a ne a ikaeletse go mo golola.


Jwale, Ntate, nkgalaletse ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena pele lefatshe le eba teng.


Mme eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.


Letshwele le ne le dumaduma ka yena, hobane ba bang ba ne ba re: “O molemo; empa o kgelosa batho.


Yaba batho bao, ha ba bona mohlolo oo Jesu a o entseng, ba re: Kannete ke yena moporofeta ya tla tla lefatsheng.


Le nna ke ne ke sa mo tsebe, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya itseng ho nna: Eo o tla bona Moya o theohela hodima hae, o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.


Ba mmotsa, ba re ho yena: Jwale, o kolobeletsang, ha o se Kreste, leha e le Elia, leha e le moporofeta eo?


Ba mmotsa, ba re: Jwale, o reng? A ke wena Elia? Yena a re: Ha ke yena. A ke wena moporofeta eo? A araba, a re: Che.


Tšabo ya ba tshwara bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; le ho re, Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Johanne a araba, a re ho bona bohle: “Ruri, nna ke le kolobetsa ka metsi; empa ho tla e mong ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae: o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo;


Ba re: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, ke Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.


Empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea.


Jesu a araba, a re: “Haeba ke ithorisa, tlotla ya ka hase letho; eo le reng ke Modimo wa lona;


O tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, mme o tla le tsebisa tsona.


Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.


A re ho bona: “Na le amohetse Moya o Halalelang haesale le dumela? Ba re ho yena: Ha re eso utlwe hore Moya o Halalelang o teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ