Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:57 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

57 Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya jang nna, o tla phela ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

57 Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

57 Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

57 Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya jang nna, o tla phela ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:57
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


hore bohle ba be bang; jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena, le bona ba ka ba ho rona: hore lefatshe le tle le dumele hobane o nthomile.


Hobane Modimo ha o a ka wa romela Mora wa wona lefatsheng ho ahlola lefatshe; empa hore lefatshe le bolokehe ka yena.


Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena; ka mokgwa o jwalo o neile Mora hore a be le bophelo ka ho yena;


Jesu a araba, a re ho bona: Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.


Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa thato ya ka, empa ho etsa thato ya ya nthomileng.


Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle ba tla phediswa ka Kreste jwalo.


Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.


Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Lerato la Modimo le bonahetse ho rona ka sena, ke hobane Modimo o rometse Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ