Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang, mme o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang; o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ntate o rata Mora, o mmontsha tsohle tseo a di etsang, mme o tla mmontsha mesebetsi e meholo ho feta ena, hore le tle le makale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang, mme o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Yaba Diabolose o boela a mo isa thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe, le kganya ya yona;


Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.


Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; Le nk tlepetsa ka baka la mosebetsi ofe ho oo?


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate.


Ho tloha jwale ha ke le bitse bahlanka; hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang; hobane tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate, ke le tsebisitse tsona.


Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.


Ntate o rata Mora, mme o neetse tsohle matsohong a hae.


Hobane jwalokaha Ntate a tsosa bafu, mme a ba phedise; le Mora o phedisa bao a ratang ho ba phedisa.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Mme ba tla tswa; ba entseng hantle ba tsohele bophelo; mme ba entseng bobe ba tsohele tsuo.


Hobane o amohetse hlompho le kganya ho Modimo Ntatae, mohla lentswe le utlwahalang ho yena le etswa kganyeng e fetisisang, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ