Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa ntse a sebetsa, le nna ke a sebetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Empa Jesu a ba araba, a re: “Ntate o ntse a sebetsa ho fihlela jwale, mme le nna ke a sebetsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa ntse a sebetsa, le nna ke a sebetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi.


Ke tlameha ho sebetsa mesebetsi ya ya nthomileng e sa le motsheare; bosiu bo a tla, boo ho seng motho ya ka sebetsang ka bona.


Hobane dintho tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, di hlodilwe ka yena, leha e le diterone, leha e le mebuso, leha e le mebuso, leha e le mebuso;


Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa ke Modimo o le mong feela o sebetsang tsohle ho bohle.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Hobane ho yena re phela, re sisinyeha, re teng; jwalokaha baroki ba bang ba lona ba boletse, ba re: Le rona re bana ba hae.


Leha ho le jwalo, ha o a ka wa itlohela a se na bopaki, ka ho etsa se molemo, wa re nea pula e tswang lehodimong, le dihla tsa nala, wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.


A dithaga tse pedi ga di rekisiwe ka sente? mme e nngwe ya tsona e ke ke ya wela fatshe kantle ho Ntata lona.


Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba batla ho mmolaya, kahobane a ne a entse tseo ka Sabatha.


Ka baka leo, Bajuda ba batla ho mmolaya, kahobane e ne e se feela hore a tlotse Sabatha, empa a bile a bolela hore Modimo ke Ntatae, a iketsa ya lekanang le Modimo.


Le re ka yena eo Ntate a mo halaleditseng, mme a mo romela lefatsheng, o re: O a nyefola; hobane ke itse, ke Mora wa Modimo?


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ