Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba batla ho mmolaya, kahobane a ne a entse tseo ka Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba rata ho mmolaya, kahobane a ne a etsa tse jwalo ka Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu kahobane a entse tsena ka Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba batla ho mmolaya, kahobane a ne a entse tseo ka Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; mme ya fola jwaloka e nngwe.


Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda ka yena, hore ba tle ba mmolaye.


Mme ba tlala bohlanya; mme ba botsana hore na ba ka etsa Jesu jwang.


Bona ke bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ba tswang Jerusalema ho mmotsa, ba re: O mang?


Yaba ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha;


Ya fodisitsweng o ne a sa tsebe hore na ke mang;


Monna eo a ikela, a bolella Bajuda hore ke Jesu ya mo fodisitseng.


Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa ntse a sebetsa, le nna ke a sebetsa.


Ka baka leo, Bajuda ba batla ho mmolaya, kahobane e ne e se feela hore a tlotse Sabatha, empa a bile a bolela hore Modimo ke Ntatae, a iketsa ya lekanang le Modimo.


Jesu a araba, a re ho bona: Ke entse mosebetsi o le mong, mme le a makala kaofela.


Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ