Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:14
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka le ba nyoretsweng ho loka, hobane ba tla kgoriswa.


Leshodu ha le tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa;


Mme e mong le e mong ya phelang, mme a dumela ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na u lumela see?


Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.


Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na letho la ho kga, le sediba se botebo;


Jesu a araba, a re ho yena: E mong le e mong ya nwang metsi ana o tla boela a nyorwa.


Mme ya kotulang o amohela moputso, mme o bokella ditholwana bophelong bo sa feleng, hore ya jalang le ya kotulang ba thabe hammoho.


Le se ke la sebeletsa dijo tse felang, le mpe le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le nea tsona;


Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong.


Sena ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.


Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howeletsa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke yena ya re tiisitseng, mme a re nea tebeletso ya Moya dipelong tsa rona.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwauweng ka wona ho isa letsatsi la topollo.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; le letsatsi le ke ke la ba chaba, leha e le mocheso ofe kapa ofe.


Hobane Konyana e mahareng a terone e tla ba disa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a phelang, mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ