Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 3:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 3:2
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba roma barutuwa ba bona ho yena, ba ena le balatedi ba Heroda, ba re: “Moruti, re a tseba hore o nnete, mme o ruta tsela ya Modimo ka nnete, mme ha o tsotelle motho, hobane ha o tadime tshobotsi ya batho.


Le ditumediso mapatlelong, le ho bitswa ke batho ho re: Rabi, Rabi.


Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho.


Eitse hobane ba fihle, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, mme ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete; ho Cesare, kapa che?


Jesu a reteleha, a ba bona ba mo latela, a re ho bona: Le batla’ng? Ba re ho yena: Rabbi, (ke ho re, ha ho fetolwa, Moruti), o dula kae?


Empa ekare ha ke e etsa, leha le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


Le hoja a ne a entse mehlolo e kalo pela bona, ha ba ka ba dumela ho yena.


Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi.


Hojane ke se ke ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng motho ya e entseng, ba ka be ba se na sebe;


Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Jesu a re ho yena: Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabboni; ke ho re: Monghadi.


Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a ena le wena mose wane wa Jordane, eo o mo pakileng, bona, ke yena ya kolobetsang, mme bohle ba tla ho yena.


Ho sa le jwalo, barutuwa ba hae ba mo rapela, ba re: Rabbi, ja.


Empa nna ke na le bopaki bo fetisang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile.


Letshwele le leholo la mo latela, kahobane le ne le bona mehlolo eo a neng a e etsa ho ba kulang.


Ba bangata hara letshwele ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e fetang ee e entsweng na?


Bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, kahobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa mehlolo e kalo jwang? Karohano ya eba teng hara bona.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.


Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ