Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 2:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 2:19
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.


Ba re: Wena ya heletsang tempele, mme o e hahe ka matsatsi a mararo, ipholose! Ha o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong.


Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha.


Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, mme ka matsatsi a mararo ke tla haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.


Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho, ba re: “Oho, wena ya heletsang Tempele, mme wa e haha ka matsatsi a mararo!


A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo: ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.


Jesu a araba, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa;


Eo Modimo o mo tsositseng, o mo lokolletse mahloko a lefu, hobane ho ne ho sa kgonehe hore a ka tshwarwa ke lona.


Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.


Hobane re mo utlwile a re: Jesu eo wa Nasaretha o tla senya nqalo ena, a fetole mekgwa eo Moshe a re neileng yona.


Empa le rona bao ho tla ballwa hoo, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu Morena wa rona bafung;


Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.


Empa ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Jwale, ekare ha Kreste a bolelwa hore o tsohile bafung, ba bang hara lona ba bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo?


Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ