Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ke rapella bona; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona; hobane ke ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Ke rapella bona; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona; hobane ke ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ke o rapetse, hore tumelo ya hao e se ke ya fela, mme ha o sokolohile, o matlafatse banabeno.


Jesu a re: Ntate, ba tshwarele; hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae, mme ba lahla lotho.


Eitse ha badisa ba bona se etsahetseng, ba baleha, ba ya bolela motseng le naheng.


Ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, hore a dule le lona ka ho sa feleng;


Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.


Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona;


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.


Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.


Ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa ke letho ho tsohle tseo a nneileng tsona, empa ke tle ke di tsose ka letsatsi la ho qetela.


Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa sehalalelo sa nnete; empa o kene lehodimong ka bolona, hore a tle a bonahale jwale pela sefahleho sa Modimo bakeng sa rona.


Mme re a tseba hore re ba Modimo, mme lefatshe lohle le rapaletse matleng a e mobe.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ