Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng; e ne e le ba hao, mme o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 “Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:6
48 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.


Ntate, tlotlisa lebitso la hao. Yaba lentswe le tswa lehodimong, la re: Ke le tlotlisitse, mme ke tla boela ke le tlotlise.


Hoja le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata sa lona; empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ke ka baka leo lefatshe le le hloileng.


Jwale lona le hlwekile ka lentswe leo ke le boleletseng lona.


Haeba le dula ho nna, mme dipolelo tsa ka di dula ho lona, le tla kopa seo le se batlang, mme le tla se etsetswa.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka ba boloka ka lebitso la hao, bao o nneileng bona; hore Lengolo le tle le etsahale.


Ke ba neile lentswe la hao; mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.


Jwale ba tsebile hore tsohle tseo o nneileng tsona di tswa ho wena.


E le hore ho tle ho etsahale lentswe leo a le boletseng, a re: Ho bao o nneileng bona, ha ke a ka ka lahleha le a mong.


Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.


Ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa ke letho ho tsohle tseo a nneileng tsona, empa ke tle ke di tsose ka letsatsi la ho qetela.


Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.


Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.


Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena, mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.


Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang ka Elia? kamoo a rapellang ho Modimo kateng, ho Iseraele, a re:


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


Tshwara ka mokgwa wa dipolelo tse phelang, tseo o di utlwileng ho nna, ka tumelo le leratong le ho Kreste Jesu.


A re: Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o binele difela hara phutheho.


Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.


Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla baditjhaba ba hasaneng hohle Ponto, Galatia, Kapadosia, Asia, Bithinia,


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Ke tseba mesebetsi ya hao; bona, ke behile monyako o butsweng pela hao, oo ha ho motho ya ka o kwalang; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ