Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:8
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;


Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo.


Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;


Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana.


Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.


Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka ka sebele;


Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


e seng ka bonyatsi, a mpe a bontshe botshepehi bo botle bohle; ba tle ba kgabise thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, nthong tsohle.


ba be masene, ba hlweke, ba hlokomele malapa a bona, ba be molemo, ba utlwe banna ba bona, e le hore lentswe la Modimo le se ke la nyefoloa.


Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ