Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 “Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:5
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang.


Kannetenete ke re ho lona: Ntle le hore hlaku ya koro e wele mobung mme e shwe, e tla dula e nnotshi;


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Jesu a araba, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa;


Hoja motho eo e ne e se wa Modimo, o ne a ka be a sa ka a etsa letho.


Mme ha ho poloko ho e mong, hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo le neilweng batho, leo re ka bolokehang ka lona.


Jwale rona, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme e mong le e mong ke ditho tsa e mong.


Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.


Senwelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang, na hase kopano ya madi a Kreste na? Bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano ya mmele wa Kreste na?


Hobane jwaloka ha mmele o le mong, o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o le mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong, le Kreste o jwalo.


Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.


Hobane re ke ke ra etsa letho le hananang le nnete, haese nnete.


Ya fanang ka peo ya mojadi o tla le sebeletsa ka bohobe bakeng sa dijo tsa lona, mme a atise peo ya lona, mme a atise ditholwana tsa ho loka ha lona;


Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,


(Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntate wa masedi, eo ho yena ho se nang phetoho, leha e le moriti wa ho reteleha.


Ho tla ho yena, jwalokaha ho tlile lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, la bohlokwa.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ