Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Dulang ho nna, le nna ho lona. Joalo ka ha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona, ha le sa lule sefateng sa morara; ha le ka ke la hlola le kgona, ha le sa dule ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Dulang ka ho nna, le nna ka ho lona. Jwalokaha lekala le ke ke la beha ditholwana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho jwalo le ho lona ha le sa dule ka ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Dulang ho nna, le nna ho lona. Joalo ka ha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona, ha le sa lule sefateng sa morara; ha le ka ke la hlola le kgona, ha le sa dule ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:4
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.


Empa e mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le boloka, mme ba beha ditholwana ka mamello.


Ka tsatsi leo le tla tseba hobane ke ho Ntate, le lona le ka ho nna, le nna ka ho lona.


Nna ke le ho bona, wena o ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng; mme lefatshe le tle le tsebe hobane o nthomile, mme o ba ratile, jwalokaha o nthatile.


Yo o jang nama ya me, a ba a nwa madi a me, o nna mo go nna, le nna mo go ene.


Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka ka sebele;


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Itebeleng hore na le tumelong; iponahatseng. Na ha le tsebe hore Jesu Kreste o ka ho lona, haese ha le le ba nyatsehang?


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Jwalokaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, le tsamaye jwalo ho yena.


Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Empa rona ha re ba ba ikgohomollang tahlehong; empa ba dumelang ho pholoswa ha moya.


Ya reng o dutse ho yena, e ka kgona le yena a tsamaye jwalokaha le yena a tsamaile.


Mongwe le mongwe yo o tlolang, a sa nnele ruri mo thutong ya ga Keresete, ga a na Modimo. Ya dulang a le thutong ya Kreste, ke yena ya nang le Ntate le Mora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ