Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 13:34 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 “Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 13:34
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;


hore bohle ba be bang; jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena, le bona ba ka ba ho rona: hore lefatshe le tle le dumele hobane o nthomile.


Le ratane ka lerato la boena; le etelle e mong pele ka tlhompho;


Lerato ha le etse wa habo hampe; ka baka leo lerato ke phetheho ya molao.


Le se ke la kolota motho letho, haese ho ratana; hobane ya ratang ba bang o phethile molao.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, haholo ba ntlo ya tumelo.


Jarelanang merwalo, mme kahoo le phethahatse molao wa Kreste.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Erekaha re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.


Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.


Bakaulengwe, re tshwanetse go leboga Modimo ka gale ka ntlha ya lona ka fa go tshwanetseng ka teng, ka tumelo ya lona e ntse e oketsega thata, le lorato lwa lona lotlhe lo a ata mo go yo mongwe le yo mongwe wa lona.


Haeba le phethahatsa molao wa bokgosi ho ya ka Lengolo, o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


le borapeding ka lerato la boena; le leratong la boena, lerato.


Hobane ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong, hore re ratane.


Mme ena ke taelo ya hae, hore re dumele lebitsong la Mora wa hae Jesu Kreste, mme re ratane, jwalokaha a re laetse.


Mme taelo ena eo re e filweng ke yena ke hore ya ratang Modimo, a rate le ngwanabo.


Mme jwale, ke a o rapela, mofumahadi, e seng jwaloka hoja ke o ngolla taelo e ntjha, empa e le eo re bileng le yona ho tloha tshimolohong, hore re ratane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ