Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 13:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 13:1
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole;


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.


Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.


Yare ha nako ya ho nyollwa ha hae e fihla, a ikemisetsa ho ya Jerusalema.


Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme ba bangata ba nyolohela Jerusalema pele ho Paseka, ho ya itlhwekisa.


Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile ya hore Mora motho a tlotliswe.


Hobane ba bang ba ne ba nahana, kahobane Judase a ne a tshwere mokotlana wa mokotla, Jesu o itse ho yena: Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete; kapa, hore a fe bafumanehi ho hong.


Jesu a tseba hobane Ntatae o neetse tsohle matsohong a hae, le hobane o ne a etswa ho Modimo, mme a ya ho Modimo;


Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.


Le utlwile kamoo ke le boleletseng kateng, ka re: Ke a tsamaya, mme ke kgutlela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, kahobane ke itse, ke ya ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho nna.


Empa hore lefatshe le tsebe hoba ke rata Ntate; mme jwalokaha Ntate a ntaetse, ke etsa jwalo. Tsohang, re tlohe mona.


Ke tswile ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng;


Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.


Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.


Jwale, Ntate, nkgalaletse ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena pele lefatshe le eba teng.


Jesu, ka ho tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re: Le batla mang?


Kamora tseo, Jesu a tseba hobane tsohle di se di phethehile, hore Lengolo le etsahale, a re: Ke nyorilwe.


Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.


Mme Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.


Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ho ne ho se motho ya mo isang matsoho, kahobane nako ya hae e ne e eso fihle.


Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso fihle, empa nako ya lona e ntse e le teng.


Jesu a bua tsena polokelong ya letlotlo, a ruta ka Tempeleng; gonne nako ya gagwe e ne e ise e tle.


Tjhe, nthong tsena tsohle re fetisa bahlodi ka ya re ratileng.


Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste.


Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;


Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.


Mme re lakatsa hore e mong le e mong wa lona a bonahatse mafolofolo a tshwanang le ona ho fihlela qetellong ya tshepo e tiileng.


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ