Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ke na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla di tlisa, di tla utlwa lentswe la ka; mme ho tla ba lesaka le le leng, le modisa a le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Ke na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla di tlisa, di tla utlwa lentswe la ka; mme ho tla ba lesaka le le leng, le modisa a le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:16
48 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Empa ke mosadi ofe ya nang le ditjhelete tse leshome, mme ekare ha a lahlehetswe ke e nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tjheseho, a be a e fumane?


Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.


Empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku.


Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.


Molebedi wa monyako o a mmulela; mme dinku di utlwa lentswe la hae, mme o bitsa dinku tsa hae ka mabitso, a di ise kantle.


Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, o di etelle pele, mme dinku di mo latele, hobane di tseba lentswe la hae.


Osele di ke ke tsa mo latela, empa di tla mo balehela, hobane ha di tsebe lentswe la osele.


E seng bakeng sa setjhaba seo feela, empa e le hore a bokelle bana ba Modimo ba hasaneng ba le bang.


Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona;


Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.


Simeone o hlalositse kamoo Modimo o kileng wa etela baditjhaba qalong, hore o kgethele lebitso la wona ho bona batho.


Hobane ke na le wena, mme ha ho motho ya tla o futuhela ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.


A re: Modimo wa bontata rona o o kgethile, hore o tle o tsebe thato ya wona, o bone ya lokileng, o utlwe lentswe la molomo wa hae.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Empa rona re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso ba ratwang ke Morena, hobane Modimo o le kgethetse ho tloha tshimolohong, hore le tle le bolokehe ka kgalaletso ya Moya le ka ho dumela nnete.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Bao pele le neng le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo, le neng le sa hauhelwe, empa jwale le hauhetswe.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse timelang; empa jwale le kgutletse ho Modisa le Modisa wa meya ya lona.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ