Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 “Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:11
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku.


Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, hore motho a tele bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


Seo re lemohileng lerato la Modimo ka sona, ke hobane o re teletse bophelo ba hae;


Hobane Konyana e mahareng a terone e tla ba disa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a phelang, mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ