Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:18
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Ditaba tše Jesaya o di boletše, ge a bona letago la gagwe, a bolela ka yena.


E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a neng a mo rata, o ne a itshetlehile sefubeng sa Jesu.


Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate?


Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.


Kannetenete ke re ho wena: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; mme ha le amohele bopaki ba rona.


Hase hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; ke yena ya boneng Ntate.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Eo e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la dibopuwa tsohle.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ke yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ahileng leseding le sa atameleheng; eo ho seng motho ya kileng a mmona, leha e le ya ka kgonang ho mmona: ho yena e be tlhompho le matla a sa feleng. Amen.


Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe. Ha re ratana, Modimo o ahile ho rona, mme lerato la hae le phethehile ho rona.


Ekare ha motho a re: Ke rata Modimo, mme a hloile ngwanabo, o leshano;


Lerato la Modimo le bonahetse ho rona ka sena, ke hobane Modimo o rometse Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ