Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane molao o neilwe ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane molao o neilwe ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:17
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Pilato a re ho yena: Ha ho le jwalo, na o morena na? Jesu a araba, a re: Ke wena o reng ke morena. Ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pakele nnete. E mong le e mong wa nnete o utlwa lentswe la ka.


Le se ke la nahana hore ke nna ke tla le qosa ho Ntate; o teng ya le qosang, e leng Moshe, eo le mo tshepileng.


Na Moshe ha a ka a le nea molao, athe ha ho le a mong ho lona ya bolokang molao? Ke ka baka la’ng le nyaka go mpolaya?


Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.


Re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe;


Eitse hobane ba mo bee letsatsi, ba bangata ba tla ho yena moo a dutseng teng; bao a ba hlalosetsang, a ba pakela mmuso wa Modimo, a ba kgodisa malebana le Jesu, ka molao wa Moshe le baporofeta, ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya.


Enwa ke yena ya neng a le phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai, a ena le bontata rona, ya ileng a amohela dipolelo tse phelang hore a tle a re fe tsona.


Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.


Hobane ditshepiso tsohle tsa Modimo ke E, ka yena, mme di Amen ho yena, tlotlisong ya Modimo ka rona.


Mme ke re: Selekane se tiisitsweng pele ke Modimo ke Kreste, molao o bileng teng kamorao ho dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa e fedisa, hore o tle o fedise pallo.


Mme e batla e le dintho tsohle ka molao di hlwekiswa ka madi; mme kantle ho tshollo ya madi ha ho tshwarelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ