Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:14
60 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a tswala Josefa monna ka Maria, a ba a nkwa ka Jesu, a re o tlatswa ke motho.


Hobane kajeno le tswaletswe Mopholosi, motseng wa Davida, e leng Kreste Morena.


A tswala mora wa hae wa letsibolo, a mo phuthela ka masela, a mo robatsa sejelong hobane ho ne ho se sebaka bakeng sa bona ntlong ya baeti.


Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba tshwerwe ke boroko;


Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.


Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate?


Mme ke ba file kganya eo o nneileng yona; ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang;


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Pilato a re ho yena: Ha ho le jwalo, na o morena na? Jesu a araba, a re: Ke wena o reng ke morena. Ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pakele nnete. E mong le e mong wa nnete o utlwa lentswe la ka.


Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Yo o dumelang mo go ene ga a atlholwe, mme yo o sa dumeleng o setse a atlhotswe, ka a sa dumela mo leineng la Morwa Modimo yo o tsetsweng a le esi.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea bakeng sa bophelo ba lefatshe.


Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.


Modimo o se phethahaditse ho rona bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung; jwalokaha ho ngodilwe pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


ba bontata rona ke ba bona, bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, e leng Modimo ya okametseng tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen.


Motho wa pele o tswa lefatsheng, ke wa mobu; motho wa bobedi ke Morena ya tswang lehodimong.


Yaba o re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane; Ka baka leo, ke tla ithorisa ka mefokolo ya ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a be hodima ka.


Empa eitse hobane nako e phethehe, Modimo wa roma Mora wa hae, ya tswetsweng ke mosadi, ya tswetsweng tlasa molao;


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Hobane ho ratile Ntate hore botlalo bohle bo dule ho yena;


Ho yena ho patilwe matlotlo wohle a bohlale le a tsebo ho yena.


Hobane botlalo bohle ba Bomodimo bo ahile ho yena ka nama.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Hobane ke ofe ho mangeloi a kileng a re ho yena: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke tla ba Ntate wa hae, yena e be Mora wa ka?


Ka baka leo, mohla a tlang lefatsheng, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.


Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;


Ka mokgwa o jwalo Kreste le yena ha a ka a ithorisa ka ho ba moprista e moholo; empa ya itseng ho yena: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Mme rona re bone, mme re a paka hore Ntate o romile Mora wa hae ho ba Mopholosi wa lefatshe.


Lerato la Modimo le bonahetse ho rona ka sena, ke hobane Modimo o rometse Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.


Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Enwa ke mothetsi le antikreste.


O ne a apere seaparo se nwetsweng mading, mme lebitso la hae o bitswa Lentswe la Modimo.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re: Bonang, tabernakele ya Modimo e hara batho;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ