Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:36 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Jope ho ne ho le morutuwa e mong ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dimpho tseo a neng a di etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Jope ho ne ho le morutuwa e mong ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dimpho tseo a neng a di etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:36
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ya neng a amohetse tse pedi, le yena a rua tse ding tse pedi.


Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.


Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.


Yaba o ba biletsa ka hare, a ba fa baeti. Hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopa ba ya le yena.


A re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di hopotswe pela Modimo.


Eitse hobane a ba hlalosetse tsohle tseo, a ba romela Jopa.


A re bolella kamoo a boneng lengeloi ka tlung ya lona, le emeng, le re ho yena: Romela banna Jopo, o bitse Simone, ya bitswang Petrose;


Ke ne ke le motseng wa Jopa ke rapela, mme ha ke hahwa ke pono, ka bona sejana se seng se theoha, se kang lesela le leholo, le theolwang lehodimong ka kgutlo tse nne; mme ya tla ho nna.


Erekaha Lyda e ne e le haufi le Jopa, mme barutuwa ba utlwa hoba Petrose o teng, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo kopa hore a se ke a dieha ho tla ho bona.


Taba eo ya tsebahala ho pholletsa le Jopa kaofela; mme ba bangata ba dumela ho Morena.


Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


Le lona le ntse le etsa hoo ho baena bohle ba Masedonia yohle;


O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


U iponahatse u le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle, thutong ea ho se bole, le bokhabane, le botšepehi,


Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Borapedi bo hlwekileng, bo sa silafalang pela Modimo le Ntate, ke bona: ho etela dikgutsana le bahlolohadi mahlomoleng a bona, le ho ipoloka a se na letheba lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ