Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 A phakisa a bolela masinagogeng a Kreste, hore ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 A phakisa a bolela masinagogeng a Kreste, hore ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:20
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O be a botile Modimo; a a mo lopolle jwale, ha a mo rata;


Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.


Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.


Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo; o Kgosi ya Iseraele.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o tshwanetse ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka!


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Empa ha ba tloha Perga, ba fihla Antioke e Pisidia, ba kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, ba dula.


Modimo o se phethahaditse ho rona bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung; jwalokaha ho ngodilwe pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


Eitse ha ba fihla Salami, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda;


Eitse ha ba le Ikoniamo ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bua hoo letshwele le leholo la Bajuda le la Bagerike la dumela.


Ka Sabatha ra tswela kantle ho motse pela noka, moo re neng re tlwaetse ho etsetsa thapelo teng; ra dula, ra bua le basadi ba phuthehetseng teng.


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse le Silase Berea bosiu;


Ka baka leo, a buisana le Bajuda ka tlung ya thapelo le badumedi, le ka tsatsi le leng le le leng lebaleng la motse, le ba neng ba kopana le yena.


Pauluse a kena ho bona ka mokgwa wa hae, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka Mangolo.


Yaba o fihla Efese, a ba tlohela teng, empa yena a kena sinagogeng, a buisana le Bajuda.


Ka Sabatha se seng le se seng, o ne a bua ka synagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.


Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.


Yare ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme leqhalaha la re: Bona, metsi ke ana; se nthibelang ho kolobetswa keng?


Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etsahala. A araba, a re: Ke dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.


Empa Saule a ’na a ipha matla haholoanyane, ’me a ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, a ba bontša hore enoa ke Kreste.


mme a bonahatswa ka matla hore ke Mora wa Modimo, ka moya o halalelang, ka tsoho ya bafu.


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ