Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:15
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.


Eitse hobane a ba dumedise, a ba hlalosetsa haholo tseo Modimo o di entseng hara baditjhaba ka tshebeletso ya hae.


A re: Modimo wa bontata rona o o kgethile, hore o tle o tsebe thato ya wona, o bone ya lokileng, o utlwe lentswe la molomo wa hae.


A re ho nna: Tloha, hobane ke tla o romela ho baditjhaba hole.


Agripa a re ho Festuse: Le nna ke rata ho utlwa monna eo. A re: Hosasane o tla mo utlwa.


Yaba Agripa o re ho Pauluse: O dumelletswe ho ipuella. Yaba Pauluse o otlolla letsoho, a ikarabela;


Yaba Agripa o re ho Festuse: Motho enwa a ka be a lokolotswe, hojane a sa ka a ipiletsa ho Sesare.


A re: Se tshabe, Pauluse; e ka kgona o iswe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.


Eitse hobane ho fete matsatsi a mararo, Pauluse a bokella baholo ba Bajuda; leha ho le joalo, ke ile ka nehelanoa ka motšoaruoa ea tsoang Jerusalema matsohong a Baroma.


Le tsebe hoba poloko ya Modimo e rometswe ho baditjhaba, mme ba tla e utlwa.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Hobane ke bua le lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, ke tlotlisa mosebetsi wa ka.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna.


Hobane leha ke bolela Evangeli, ha ke na seo ke ka ithorisang ka sona, hobane ke tlamehile; ee, ho madimabe nna, ha ke sa bolele Evangeli!


Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;


Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,


Tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.


Tseo ke laetsweng ho ba mmoledi wa tsona, le moapostola, le moruti wa baditjhaba.


Ha ho ya ntweng ya ikenyang litabeng tsa bophelo bona; hore a tle a kgahlise ya mo kgethileng ho ba mohlabani.


Bana ba tla lwana le Konyana, mme Konyana e tla ba hlola, hobane ke Morena wa marena, le Morena wa marena, mme ba nang le yona ke ba bitsitsweng, ba kgethilweng, le ba tshepehang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ