Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Filipi a mathela teng, a mo utlwa a bala ho moporofeta Esaya, a re: Na o utlwisisa seo o se balang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Filipi a mathela ho yona, a mo utlwa a bala bukeng ya moporofeta Esaya. A re ho yena: “Na o utlwisisa seo o se balang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Filipi a mathela teng, a mo utlwa a bala ho moporofeta Esaya, a re: Na o utlwisisa seo o se balang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:30
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.


Empa ya jetsweng mobung o motle, ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisisa; se le sona se behang, se beha, se seng ha lekgolo, se seng mashome a tsheletseng, se seng sa mashome a mararo.


Jesu a re ho bona: “Na le utlwisisa ntho tseo tsohle? Ba re ho yena: E, Morena.


A bitsa letshwele, a re ho lona: Mamelang, le utlwisise.


Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang, ya balang a ke a utlwisise.


Empa etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa tshwanelang, ya balang a utlwisise, mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng.


Jesu a re ho bona: Dijo tsa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Le batlisise Mangolong; hobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ka tsona, mme ke tsona tse mpakang.


A ema, a ya, a bona monna wa Moethiopia, leqhalaha la Kandake, mofumahadi wa Baethiopia, ya neng a okametse letlotlo lohle la hae, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela.


Yaba Moya o re ho Filipi: “Atamela, o tsamaye le koloi ena.”


Yena a re: Nka tseba jwang, ha motho a sa ntataise? Yaba o kopa Filipi hore a nyolohele, a dule le yena.


Filipi a theohela motseng wa Samaria, a ba bolella ditaba tse molemo tsa Kreste.


Leha ho le joalo, ka phuthehong ke ne ke rata ho bua mantsoe a mahlano ka kelello ea ka, e le hore le bona ke rute ba bang ka lentsoe la ka, ho e-na le ho bua mantsoe a likete tse leshome ka leleme lesele.


Ka baka leo, le se ke la ba mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Mona ke bohlale. Ya nang le kutlwisiso a bale palo ya sebata: hobane ke palo ya motho; palo ya hae ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ