Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:26 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Lengeloi la Morena la bua le Filipi, la re: “Ema, o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Lengeloi la Morena la bua le Filipi, la re: “Ema, o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya bolelwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke Modimo ke lengeloi le halalelang, hore a romele hore o tle tlung ya hae, a tle a utlwe mantswe oa hao.


Eitse ha lengeloi le buang le Kornele le tlohile, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi, le mohlabani e mong ya tshabang Modimo hara ba mo sebeletsang kamehla;


Yaba lengeloi la Morena la mo otla hanghang, kahobane a sa ka a tlotlisa Modimo;


Hobane bosiung bona ho ne ho eme pela ka lengeloi la Modimo oo ke leng wona, oo ke o sebeletsang.


Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko, la ba ntsha, la re:


Yaba Moya o re ho Filipi: “Atamela, o tsamaye le koloi ena.”


Filipi a theohela motseng wa Samaria, a ba bolella ditaba tse molemo tsa Kreste.


Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ