Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 6:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 6:7
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao; mme ba morao e tla ba ba pele.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang;


Leha ho le jwalo, le hara babusi ba bangata ba dumela ho yena; mme ka ntlha ya Bafarisai ba ne ba sa ipolele, gore ba se ka ba lelekwa mo senagogeng.


Empa Elimase wa senohe, (hobane lebitso la hae le fetolelwa jwalo) a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong.


Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Lefoko la Modimo la gola ka thata jalo mme la fenya.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.


Yare ha ba utlwa hoo, ba tlotlisa Morena, ba re ho yena: Ngwaneso, o a bona kamoo dikete tsa Bajuda ba dumetseng kateng; mme bohle ba tjhesehela molao;


Mehleng eo, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, ha tsoha ho korotla hara Bajuda ba buang Segerike ka Baheberu, kahobane bahlolohadi ba bona ba ne ba hlokomolohuwa kabong ya tsatsi le leng le le leng.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Empa jwale e bonahaditswe, le ka Mangolo a baporofeta, ho ya ka taelo ya Modimo o sa feleng, ho tsebiswa ditjhaba tsohle ho utlwa ho latela tumelo.


Empa ba ne ba utlwile feela, ho thwe: Ya neng a re hlorisa mehleng e fetileng, jwale o bolela molaetsa wa tumelo eo a neng a e timetsa pele.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, haholo ba ntlo ya tumelo.


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


Ka mollo o tukang, o iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ba sa utlweng Evangeli ya Morena wa rona Jesu Kreste;


Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.


Ka tumelo Aborahame o ne a utlwa, e rile a bidiwa, a hudugela kwa felong fa o tla go newa go nna boswa; a tswa, a sa tsebe moo a yang teng.


Mme eitse hobane a phethehe, a etswa moqapi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang;


Empa lona, baratuwa, le ikahe tumelong ya lona e halalelang ka ho fetisisa, le rapela ka Moya o Halalelang.


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ