Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 6:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Taba eo ya kgahlisa bongata bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokoro, le Nikanore, le Timone, le Parmenase, le Nikolase, mosokolohi wa Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Taba eo ya kgahlisa bongata bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokoro, le Nikanore, le Timone, le Parmenase, le Nikolase, mosokolohi wa Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 6:5
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haola le lewatle le lefatshe ho etsa mosokolohi a le mong;


Jwale ba neng ba qhalantswe ke mahloriso a hlahileng ka Setefane, ba ya fihla Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda feela.


Ba bang ho bona e ne e le banna ba Cyprase le Cyrene, ba ileng ba fihla Antioke, ba bua le Bagerike, ba bolela tsa Morena Jesu.


Taba ena ya fihla ditsebeng tsa kereke e Jerusalema, mme ba roma Barnabase hore a ye Antioke.


Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo, mme bongata bo boholo ba ekeletswa ho Morena.


Eitse hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke. Mme ha etsahala hore selemo kaofela ba phuthehela kerekeng, mme ba ruta bongata bo boholo. Mme barutwa ba ne ba bidiwa Bakeresete pele kwa Antioka.


Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.


Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.


Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Ka la hosasane, rona ba sehlopha sa Pauluse, ra tloha, ra fihla Sesarea; mme a dula le yena.


Eitse ha madi a Setefane, paki ya hao, a tsholoha, le nna ke ne ke eme teng, ke dumela ho bolawa ha hae, ke lebetse diaparo tsa ba mmolaileng.


Mme ba sitwa ho hanela bohlale le Moya oo a neng a bua ka wona.


Ka baka leo, banabeso, ikgetheleng hara lona banna ba supileng, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re ka ba beang ho okamela mosebetsi ona.


Setefane, a tletse tumelo le matla, a etsa mehlolo e meholo le meeka hara batho.


Yaba moprista e moholo o re: Na taba tseo di jwalo na?


Le wena o na le ba kgomaretseng thuto ya Banikola, e leng ntho eo ke e hloileng.


Empa o na le sena, ke hore o hloile diketso tsa Banikola, tseo le nna ke di hloileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ