Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:39 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Empa ha e le ya Modimo, le ke ke la e fedisa; esere mohlomong la fumanwa le lwantsha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 empa haeba ke wa Modimo, ha le ka ke la ba fedisa, esere la fumanwa le le ba lwantshang Modimo.” Yaba ba a mo mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

39 Empa ha e le ya Modimo, le ke ke la e fedisa; esere mohlomong la fumanwa le lwantsha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:39
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.


Hobane ke tla le nea molomo le bohlale, tseo bahanyetsi ba lona bohle ba ke keng ba khona ho li hanyetsa, leha e le ho li hanyetsa.


Erekaha Modimo o ba neile neo e tshwanang le eo o faneng ka yona ho rona, ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste; ke ne ke le eng, ke tle ke hanele Modimo?


Mme ha tsoha mohoo o moholo, mme bangodi bao e neng e le ba Bafarisi ba ema, ba tsekisana, ba re: “Ha re fumane letho le lebe ho motho enwa; empa ha moya kapa lengeloi le buile le yena, re se ke ra lwantsha Modimo.


Mme ba sitwa ho hanela bohlale le Moya oo a neng a bua ka wona.


Lona ba melala e sataletseng, ba sa bollang dipelong le ditsebeng, le ntse le hanyetsa Moya o Halalelang; jwaloka bontata lona, le lona le etsa jwalo.


A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu eo o mo hlorisang;


Hobane bothoto ba Modimo bo bohlale ho feta batho; mme bofokodi ba Modimo bo matla ho feta batho.


Na re ka boulella Morena? na re mo feta ka matla na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ