Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme badumedi ba nna ba eketseha ho Morena, bongata ba banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Leha ho le jwalo, ba dumelang ho Morena ba nna ba eketseha, e le palo e kgolo ya banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Mme badumedi ba nna ba eketseha ho Morena, bongata ba banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo, mme bongata bo boholo ba ekeletswa ho Morena.


Jwale ba amohetseng lentswe la hae ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo ba ekeletswa ka batho ba ka bang dikete tse tharo.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.


Ka hlorisa Tsela ena ho isa lefung, ke tlama, ke bile ke kenya banna le basadi teronkong.


Empa ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; mme palo ya banna e ne e ka ba dikete tse hlano.


Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.


Empa eitse hobane ba dumele Filipi ya neng a ba bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, ba kolobetswa, banna le basadi.


Haele Saule, a qhala kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hula banna le basadi, a ba kenya teronkong.


A kopa ho yena mangolo a yang ho masinagoge a Damaseka, hore ekare ha a ka fumana ba bang ba Tsela ena, e ka ba banna le basadi, a ba tlise ba tlamilwe Jerusalema.


Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.


Bohle ba ahileng Lyda le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.


Taba eo ya tsebahala ho pholletsa le Jopa kaofela; mme ba bangata ba dumela ho Morena.


Kreste o na le kopano efe le Beliale? Kapa ya dumelang o na le kabelo efe le ya sa dumeleng?


Ha ho Mojuda kapa Mogerike, ha ho lekgoba kapa motho ya lokolohileng, ha ho monna kapa mosadi, hobane kaofela le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ