Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:31 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:31
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Haeba le dula ho nna, mme dipolelo tsa ka di dula ho lona, le tla kopa seo le se batlang, mme le tla se etsetswa.


Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.


Eitse ha letsatsi la Pentekonta le se le fihlile, ba ne ba dutse bohle nqalong e le nngwe, ba le kgopolo e le nngwe.


Mme hang ha utlwahala modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo, wa tlala ntlo yohle eo ba dutseng ho yona.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.


Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao hore ba bolele lentswe la hao ka sebete.


Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.


ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.


Ekare ha e mong wa lona a hloka bohlale, a a kope ho Modimo, o fang bohle ka bolokolohi, o sa nyatse; mme o tla e newa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ