Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:21
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha a buile ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, haesale ho tloha mehleng ya boholoholo.


Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.


Baporofeta bohle ba paka ka yena hore e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla fumana tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.


Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;


Mme o tla romela Jesu Kreste, eo le mo boleletsweng pele.


Hobane le tsona dibopuwa di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di tle di be le tokoloho e tlotlehang ya bana ba Modimo.


Modimo o kile wa bua mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta;


Hobane mehleng ya kgale boporofeta ha bo a ka ba tla ka thato ya motho, empa batho ba halalelang ba Modimo ba ne ba bua ba susumetswa ke Moya o Halalelang.


Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.


O thabele lona, lehodimo, le lona baapostola ba halalelang, le lona baporofeta; hobane Modimo o le pheteditse ho yona.


Yaba o re ho nna: Ditaba tsena di a tshepeha, ke tsa nnete;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ