Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:19
73 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane pelo ya setjhaba sena e retile, ba utlwe ka ditsebe, ba kwetse mahlo a bona; e se re mohlomong ba ka bona ka mahlo, ba utlwa ka ditsebe, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, mme ba sokoloha, mme ka ba fodisa.


A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


Mme o tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona.


A mo latola, a re: Mosadi, ha ke mo tsebe.


Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: Morena, na o tla busetsa mmuso wa Iseraele ka nako ee na?


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Yare ha ba felehetswa ke kereke, ba haola le Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle.


O entse ditjhaba tsohle tsa batho ho tswa mading a le mong, hore di ahe hodima lefatshe lohle, mme o rerile dinako tse beilweng pele, le meedi ya ho aha ha tsona;


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Hobane pelo ya setjhaba sena e retile, ba utlwe ka ditsebe, ba kwetse mahlo a bona; e se re mohlomong ba ka bona ka mahlo, ba utlwa ka ditsebe, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, mme ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Mme o tla romela Jesu Kreste, eo le mo boleletsweng pele.


Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


mohla a tlang ho tlotliswa ho bahalaleli ba hae, le ho tsoteha ho bohle ba dumelang (hobane ho dumetse bopaki ba rona hara lona) ka tsatsi leo.


Mme ho lona ba tshwenngwang ke rona, phomolo le rona, mohla Morena Jesu a senolwang hotswa lehodimong le mangeloi a hae a matla.


O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;


Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse timelang; empa jwale le kgutletse ho Modisa le Modisa wa meya ya lona.


Empa, baratuoa, le se ke la hloka tsebo tabeng ena, hore letsatsi le le leng ho Morena le joaloka lilemo tse sekete, le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.


Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ