Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:31 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 A bolela tsa mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka tshepo yohle, ho se ya mo thibelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A nna a bolela mmuso wa Modimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiya hohle, a se ke a thibelwa ke motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 A phatlalatsa tsa Mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka sebete, ho se na thibelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 A bolela tsa mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka tshepo yohle, ho se ya mo thibelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:31
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


Eitse hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a ntse a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;


Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;


Bao a iponahatsang ho bona a phela, ka mora lefu la hae, ka bopaki bo bongata bo sa foseng, a bonwa ke bona ka matsatsi a mashome a mane, mme a bolela tsa mmuso wa Modimo.


Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.


Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a ema pela hae, a re: Beta pelo, Pauluse;


Eitse hobane ba mo bee letsatsi, ba bangata ba tla ho yena moo a dutseng teng; bao a ba hlalosetsang, a ba pakela mmuso wa Modimo, a ba kgodisa malebana le Jesu, ka molao wa Moshe le baporofeta, ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya.


Pauluse a dula dilemo tse pedi tse tletseng tlung ya hae eo a e hirileng, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.


Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao hore ba bolele lentswe la hao ka sebete.


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Ka tsatsi le leng le le leng, ka Tempeleng le ka tlung, ba se ke ba kgaotsa ho ruta le ho bolela molaetsa o molemo wa Kreste Jesu.


Empa eitse hobane ba dumele Filipi ya neng a ba bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, ba kolobetswa, banna le basadi.


Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.


Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.


Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ