Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Eitse hobane ba ntlhahlobe, ba rata ho ntokolla, kahobane ho ne ho se molato wa lefu ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bao, hobane ba mpotse, ba ne ba rata ho ntokolla, kahobane ho ne ho se molato ho nna o tshwanelang lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Hoba ba mpotsisise, Baroma ba ne ba rata ho ntokolla, hobane ho ne ho se lebaka la hore ke bolawe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Eitse hobane ba ntlhahlobe, ba rata ho ntokolla, kahobane ho ne ho se molato wa lefu ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:18
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba nnete ya hore na ke hobaneng a qoswa ke Bajuda, a mo lokolla ditlamong, mme a laela hore baprista ba baholo le lekgotla lohle la bona ba phuthehe; yaba o theola Pauluse, a mmea pela bona.


Ke ile ka bona hore o qoswa ka ditaba tsa molao wa bona, empa a se na letho leo a qoswang ka lona le lokelang lefu kapa ditlamo.


Pauluse, ha mmusisi a mo hweditse hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke ikarabela ka thabo e kgolo.


Eitse ha Felikse a utlwa taba tseo, kahobane a ne a tsebile ka ho phetheho ya Tsela eo, a ba diehisa, a re: Etlare hobane Lisiase, molaodi wa sekete, a theohe, ke tla tseba ditaba tsa lona ka botlalo.


Empa ka fumana a sa etsa letho le lokelwang ke lefu, mme le yena ka boyena o ipileditse ho Augustase, ka rera ho mo romela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ